Search This Blog

Tuesday 5 May 2020

A na diabo di etsetsa ya di rekileng tjhelete ka mokgwa ofe?

Ha motho a qala kgwebo, o hloka tjhelete ya ho aha kapa hona ho bopa dietswa tseo kgwebo ya hae e di qapileng.

Mekgwa ya ho fumana tjhelete eo e mengatanyana. A ka e fumana ka mekgwa ena e latelang:

  • ·         A ka etela motse wa tjhelete, eleng banka, mme a kopa hore beng ba ona ba mo kadime yona.
  • ·         A ka boloka karolo e itseng ya moputso wa hae mosebetsing, ho fihlela a bokelletse tjhelete a lekaneng ditlhoko tsa kgwebo eo.
  • ·         A ka itsebisa ho batho ba fanang ka matla a tjhelete dikgwebong tse ntjha.
  • ·         A ka kopa mosa bathong.
  • ·         A ka kena ditumellanong le motho a seng a ikemetse
  • ·         A ka ngodisa kgwebo ya hae lebenkeleng le leholo la diabo

Jwale he, re tla lekola hore na kgwebo tse ngodisang moo ke tse jwang:

Kgwebo e sa ntsaneng e qala, ha e na hona hore e ka ba le bokgoni ba ho bokella tjhelete e ngata, hobane ha e eso be boemong ba hore e ka kena mmarakeng wa diabo.

Sena se bolela hore kgwebo e keneng mmarakeng wa diabo, ke e seng e hodile ka mokgwa o kgotsofaditseng mmaraka ona, mme ke yona kgwebo eo batsetedi ba nang le monyetla wa hore ba ka iketsetsa tjhelete ho yona.

Jwale ha re bueng ka tsela eo kgwebo e ngodisitsweng lebenkeleng lena e etsetsang motsetedi ho yona tjhelete:

Ho na le kgwebo e bitswang ka hore ke Exxaro, e leng kompone e etsang mashala. Mashala ana e a rekisetsa Eskom hore e etse motlakase. Exxaro e kene ha JSE ka selemo sa dikete tse pedi le motso o mong

Exxaro boholo ba yona, eleng se bitswang mothamo wa bareki (market share), bo feta dithiriliyone tse mashome a mane le metso e supileng. Sena se bolela hore hara dikgwebo kaofela tse rekisang mashala, e tshwere karolo e mahareng ka boholo.

Jwale, ha motsetedi a reka diabo tsa Exxaro, o di reka ka boleng bo beuweng ke ba bang bareki, ba shebileng hore le bona ba iphumanele karolo. Hore na moreki o ikemiseditse ho ntsha bokae ho reka seabo se le seng sa yona, ho ya ka boleng bona, le hore na ba rekisang tsa bona ba ikemiseditse ho arohana le se le seng seabo ka bokae.

Ha re re seabo se le seng sa Exxaro se rekiswa ka diranta tse lekgolo, mashome a mararo le metso e mmedi. Exxaro e fana ka tifidente e lekanang le diperesente tse leshome le motso o le mong lekgolong. Sena se bolela hore ka selemo, Exarro e kgutlitsetsa diranta tse leshome le motso o mong seabo ka seng, ho batsetedi ho yona. Mme ena ke e nngwe tsela eo batsetedi ba etsang tjhelete ka yona, ha ba tsetetse tjhelete ya bona eo ba e kolleditseng.

Ho tla nka dilemo tse robong hore Exxaro e kgutlisetse tjhelete kaofela e rekileng seabo ka seng ho motsetedi.

Ha re re kamora dilemo tseno tse robong, kgwebo ena ya mashala e hodile hoo ba rekisang diabo tsa bona, ba batlang diranta tse makgolo a mabedi, mashome a supileng a senang motso seabo ka seng. Sena se bolela hore motsetedi ya rekileng seabo se le seng o phetaphetetswe tjhelete eo a neng a rekile seabo seo ka yona, habedi.

Kotulo ya motsetedi enwa, kamora lemo tse robong, e lekana le diranta tse makgolo a mabedi, mashome a supileng a senang motso seabo ka seng.

Lebitso la ka ke Tumelo, mme le ka ikopanya le nna mane ha thwitha ka lebitso lena @Guepard_1